Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 4:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Hamorao, Jehova a re ho Kaine: “Ngoan’eno Abele o hokae?” A re: “Ha ke tsebe. Na ke ’na mohlokomeli* oa hae?” 10 Molimo a re: “U entse’ng? Utloa mali a ngoan’eno a tšolletsoeng fatše+ a llela ho ’na.

  • Genese 9:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape ke tla fa motho e mong le e mong ea le bolaeang kotlo. Haeba le bolaoa ke phoofolo efe kapa efe, phoofolo eo e lokela ho bolaoa. Athe motho ofe kapa ofe ea bolaeang ngoan’abo ke tla mo fa kotlo.+

  • Deuteronoma 32:43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae+

      Hobane o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+

      O tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae,+

      O tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe* naheng ea batho ba hae.”

  • 2 Marena 9:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Jehu a nka seqha a betsa Jorame pakeng tsa mahetla ’me motsu oa tsoa le pelong ea hae eaba Jorame o oela ka har’a kariki ea hae ea ntoa.

  • 2 Marena 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Jehova o ile a re ho eena, ‘Maobane ke bone mali a Nabothe+ le a bara ba hae.’ Hape Jehova o itse, ‘Ke tla pheteletsa mali a bona+ tšimong ena.’ Mo nke u mo lahlele tšimong ho ea ka seo Jehova a se buileng.”+

  • 2 Marena 24:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ho hlakile hore ke Jehova ea laetseng hore sena se etsahalle Bajuda e le hore a ka ba tlosa ka pel’a hae+ ka lebaka la libe tsohle tseo Manase a li entseng+ 4 le ka lebaka la ho bolaea batho ba bangata ba se nang molato+ Jerusalema. Jehova o ne a sa ikemisetsa ho ba tšoarela.+

  • Luka 11:49-51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 49 Ke kahoo Molimo ea bohlale a ileng a re: ‘Ke tla romela baprofeta le baapostola ho bona empa ba tla bolaea le ho hlorisa ba bang ba bona 50 e le hore moloko ona o ka ba molato oa mali a baprofeta bohle bao esale ba bolaoa ho tloha ha lefatše le thehoa,+ 51 ho tloha ho Abele+ ho fihlela ho Zakaria ea ileng a bolaeloa pakeng tsa aletare le ntlo.’*+ Kannete kea le bolella hore moloko ona o tla ba molato.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela