Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 6:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa eona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng lintho tsa mefuta eohle tse ntle tseo le sa kang la li sebeletsa, liliba tseo le sa kang la li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo le sa kang la li lema ’me le jele ebile le khotsofetse,+ 12 le itlhokomele hore le se ke la lebala Jehova+ ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlung ea bokhoba.

  • Jobo 31:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Haeba ke ne ke tšepile khauta

      Kapa ke itse ho khauta, ‘U tšireletso ea ka,’+

  • Jobo 31:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 E ne e tla ba ke entse phoso ’me baahloli ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo

      Kaha ke ne ke tla be ke latotse Molimo oa ’nete ea leholimong.

  • Liproverbia 11:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Maruo* a ke ke a thusa letsatsing la khalefo ea Molimo+

      Empa ho loka ho tla lopolla lefung.+

  • Liproverbia 11:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ea tšepang maruo a hae o tla oa+

      Empa ba lokileng ba tla atleha feela joaloka makhasi a matala.+

  • Liproverbia 23:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 U se ke oa sebetsa ka thata hore u fumane maruo.+

      Khaotsa ho etsa joalo ’me u bontše hore u na le kutloisiso.*

       5 Ha u a shebisisa, a tla be a le sieo,+

      A tla mela mapheo ’me a fofele holimo joaloka ntsu.+

  • Matheu 6:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng,+ moo tšoele* le mafome li jang le moo masholu a thuhang ’me a utsoe.

  • Matheu 6:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ha ho na motho ea ka sebeletsang benghali ba babeli hobane o tla rata e mong ebe o hloea e mong+ kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.+

  • Mareka 8:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke bophelo ba hae?+

  • Luka 12:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Eaba o re ho bona: “Itlhokomeleng ’me le qobe mefuta eohle ea meharo+ hobane le haeba motho a e-na le lintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+

  • 1 Timothea 6:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Laela ba ruileng hona joale* hore ba se ke ba ikhohomosa* le hore ba se ke ba tšepa maruo a ka felang+ empa ba tšepe Molimo ea re fang lintho tse ngata tse re thabisang.+

  • 1 Johanne 2:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 hobane lintho tsohle tse lefatšeng e leng litakatso tse fosahetseng,+ ho lakatsa lintho tseo re li bonang+ le ho ithorisa ka* lintho tseo re nang le tsona, ha li tsoe ho Ntate empa li tsoa lefatšeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela