11 Empa naha eo le tšelelang ho eona ho ea e nka ke naha e lithaba le lithota.+ E noa metsi a pula e tsoang maholimong.+12 Ke naha eo Jehova Molimo oa lona a e hlokometseng. Jehova Molimo oa lona o lula a e shebile kamehla, ho tloha qalong ea selemo ho ea qetellong ea sona.
17 Empa o ile a ipaka+ hore na ke Molimo ea joang ka ho etsa lintho tse ntle, a le fa lipula le chai ka nako ea tsona,+ a le fa lijo hore le je ho fihlela le khotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”+