Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:22-24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa khutsana.*+ 23 Haeba u ka ba hlorisa ebe ba llela ho ’na, ke tla utloa sello sa bona,+ 24 ke tla halefa haholo ’me ke tla le bolaea ka sabole. Basali ba lona e tla ba bahlolohali ’me bana ba lona e tla ba ba se nang bo-ntate.

  • Deuteronoma 10:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa melimo+ le Morena oa marena, Molimo e moholo, ea matla, ea hlomphehang, ea sa tšoareng motho leha e le ofe ka leeme+ le ea sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore khutsana* le mohlolohali+ ba ahloloe ka toka hape o rata molichaba,+ o mo fa lijo le liaparo.

  • Pesaleme 10:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Empa uena u bona mathata le matšoenyeho.

      Oa bona ebe u etsa ho hong ka seo.+

      Ea hlaseloang o tla ho uena.+

      U mothusi oa khutsana.*+

  • Pesaleme 146:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Jehova o sireletsa balichaba.

      O hlokomela likhutsana* le bahlolohali+

      Empa o senya merero ea ba khopo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela