Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 31:25-27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Eaba Jehova o re ho Moshe: 26 “Bala lintho tse hapuoeng, u bale batlamuoa hammoho le liphoofolo. U etse sena hammoho le moprista Eleazare le lihlooho tsa malapa a sechaba. 27 U arole lintho tse hapuoeng ka likarolo tse peli hore li tle li fuoe masole a tsoang ntoeng le sechaba kaofela.+

  • Joshua 10:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Joale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a felisa Baamore ka pel’a Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pel’a Baiseraele a re:

      “Letsatsi, ema+ holim’a Gibeone,+

      Uena khoeli, u se ke oa sisinyeha holim’a Khohlo* ea Ajalone!”

  • Joshua 10:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ka nako eo, marena a mahlano a baleha ’me a ipata lehaheng Makeda.+

  • Joshua 12:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Khohlong ea Lebanone+ ho ea fihla Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire+ eaba Joshua o fana ka naha ea ’ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka likarolo tsa eona.+

  • Baahloli 5:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Marena a tla, a loana,

      Marena a Kanana le ona a ile a loana+

      A le Tanake, metsing a Megido.+

      Ha baa ka ba hapa leruo la silevera.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela