Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 4:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Nakong eo Solomone a neng a busa, Bajuda le Baiseraele ba ne ba lula ba sireletsehile. E mong le e mong a lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feie,* ho tloha Dane ho ea Beersheba.

  • 1 Likronike 22:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 U tla ba le mora+ eo e tla ba motho oa khotso.* Ke tla mo phomotsa ho lira tsohle tsa hae tse mo potolohileng.+ Lebitso la hae e tla ba Solomone*+ ’me ke tla etsa hore Iseraele ho be le khotso le khutso nakong ea puso ea hae.+

  • Esaia 2:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 O tla ahlola har’a lichaba,

      A lokise litaba lichabeng tse ngata.

      Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,

      Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+

      Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,

      Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+

  • Esaia 9:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Re tsoaletsoe ngoana,+

      Re filoe mora,

      Puso* e tla lula lehetleng la hae.+

      O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela