Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ke tla beha moeli oa lona ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole lichaba tseo ’me le tla li leleka ka pel’a lona.+

  • 1 Marena 4:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Solomone o ne a laola mebuso eohle ho tloha Nokeng*+ ho ea naheng ea Bafilista le ho ea fihla moeling oa Egepeta. Mebuso eo e ne e patala lekhetho* ’me e ile ea sebeletsa Solomone bophelo bohle ba hae.+

  • Pesaleme 2:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Nkope ’me ke tla u fa lichaba hore e be lefa la hao

      Le lefatše lohle hore e be la hao.+

  • Pesaleme 22:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Batho lefatšeng lohle ba tla hopola Jehova ba be ba khutlele ho eena.

      Malapa ’ohle a lichaba a tla khumama ka pel’a hao.+

      28 Borena ke ba Jehova.+

      O busa lichaba.

  • Daniele 2:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ka nako eo, tšepe, letsopa, koporo, silevera le khauta, tsa silakanngoa kaofela ’me tsa e-ba joaloka ’moko o tsoang seotlong sa lehlabula. Moea oa li fefola kaofela ’me ha hoa ka ha sala letho. Empa lejoe le ileng la otla setšoantšo la fetoha thaba e kholo ’me la tlala lefatše lohle.

  • Zakaria 9:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ke tla nkela Efraime kariki ea hae ea ntoa,

      Ke nkele Jerusalema pere ea hae.

      Ho ke ke ha hlola ho e-ba le seqha sa ntoa.

      Morena oa hao o tla phatlalatsa khotso lichabeng.+

      O tla busa ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng

      Le ho tloha Nokeng* ho ea likarolong tse hole tsa lefatše.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela