Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 32:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke bone hore sechaba sena se manganga.*+

  • Deuteronoma 1:43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Kahoo, ke ile ka bua le lona empa ha lea ka la mamela. Ho e-na le hoo, le ile la fetohela taelo ea Jehova ’me la leka ho nyolohela thabeng ka manganga.

  • Deuteronoma 31:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le kamoo le leng manganga* kateng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mor’a lefu la ka.

  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+

  • Ezekiele 20:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ke ile ka re ho bana ba bona lefeelleng:+ “Le se ke la mamela melao le litaelo tsa baholo-holo ba lona+ kapa la itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.

  • Liketso 7:51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 51 Lona banna ba manganga, ba lipelo li thata le ba sa utloisiseng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang joaloka baholo-holo ba lona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela