-
Numere 14:2-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ’me sechaba sohle sa bua le bona sa re: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta kapa ra shoella lefeelleng lena. 3 Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o bolaoa ka sabole?+ Basali ba rona le bana ba rona ba tla hapuoa.+ Na ha ho molemo hore re khutlele Egepeta?”+ 4 Ba ne ba bile ba buisana ba re: “A re khetheng moeta-pele ’me re khutleleng Egepeta.”+
-
-
1 Bakorinthe 10:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Hape re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa, hoo ba 23 000 ba ileng ba shoa ka letsatsi le le leng.+ 9 Hape re se ke ra leka Jehova*+ joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa eaba ba qetella ba bolailoe ke linoha.+ 10 Re se ke ra tletleba joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa+ eaba ba qetella ba bolailoe ke lengeloi la Molimo.*+
-