-
Nehemia 9:24, 25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Kahoo, bara ba bona ba kena eaba ba nka naha.+ U ile oa ba thusa hore ba hlole Bakanana+ bao e neng e le baahi ba naha, oa nehelana ka bona le marena a bona hammoho le baahi ba naha matsohong a bona hore ba etse seo ba se ratang ka Bakanana. 25 Ba hapa metse e sirelelitsoeng ka thata+ le naha e nang le mobu o motle*+ ’me ba nka matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle, liliba tse chekiloeng, lirapa tsa morara, meru ea mohloaare+ le lifate tse ngata tsa litholoana. Kahoo, ba ile ba ja, ba khora ’me ba nona le ho phela hamonate ka lebaka la molemo oa hao o moholo.
-