16 Jehova a re ho Moshe: “U haufi le ho shoa.* Sechaba sena se ke ke sa ntšepahalla ebile se tla rapela melimo ea naha eo se eang ho eona.+ Se tla mphuralla+ ’me se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+
20Joale ho ne ho e-na le monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,+ mora oa Bikri oa Mobenjamine. O ile a letsa lenaka+ a re: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ke a khutlele ho molimo* oa hae, uena Iseraele!”+
26 Leha ho le joalo, ha baa ka ba mamela eaba baa u fetohela+ ’me ba furalla Molao* oa hao. Ba bolaea baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba khutlele ho uena ’me ba etsa lintho tse bontšang hore ho hang ha ba u hlomphe.+