Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 53:sehlooho-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Mahalathe.* Maskile.* Pesaleme ea Davida.

      53 Ea se nang kelello o re ka pelong ea hae:

      “Jehova ha a eo.”+

      Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang.

      Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+

       2 Empa Molimo o shebile bara ba batho a le leholimong+

      Ho bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+

       3 Bohle ba khelohile.

      Kaofela ba etsa lintho tse mpe.

      Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,

      Ha ho le ea mong.+

       4 Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso?

      Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe.

      Ha ba rapele Jehova.+

       5 Empa ba tla tšoha haholo,

      Ba tla tšoha ka tsela eo ba e-s’o ka ba tšoha ka eona*

      Hobane Molimo o tla hasanya masapo a ba le hlaselang.

      O tla ba hlabisa lihlong kaha Jehova o ba lahlile.

       6 E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+

      Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,

      Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

  • Baroma 3:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ha ho motho le ea mong ea lokileng,+ 11 ha ho ea nang le temohisiso, ha ho ea batlang Molimo. 12 Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona ha ba sa na thuso, ha ho le ea mong oa bona ea mosa.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela