Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+

      17 Nathane a bolella Davida mantsoe ana ’ohle le sohle seo a se boneng ponong.+

  • Pesaleme 72:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 E se eka lebitso la hae le ka ba teng ka ho sa feleng,+

      Le lule le le teng joaloka letsatsi.

      E se eka batho ba ka hlohonolofatsoa ka lebaka la hae.+

      Lichaba tsohle li ke li phatlalatse hore o thabile.

  • Esaia 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese,+

      Lehlomela+ le tsoang metsong ea hae le tla beha litholoana.

  • Jeremia 23:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ea lokileng.+ E tla ba morena+ ’me a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatšeng.*+

  • Johanne 12:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Batho ba re: “Molao o re Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng.+ U bolela’ng ha u re Mor’a motho o tla fanyehoa?+ Hona ke mang Mora eo oa motho?”

  • Tšenolo 22:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jesu o re: ‘’Na Jesu, ke ile ka roma lengeloi la ka hore le le pakele lintho tsena bakeng sa liphutheho. Ke ’na motso le ngoana oa Davida+ le naleli ea meso e khanyang.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela