Pesaleme 127:1 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 127 Haeba Jehova a sa hahe ntlo,Leha batho ba e hahang ba ka sebetsa ka thata, ba tla be ba sebeletsa lefeela.+ Haeba Jehova a sa lebela motse,+Ha ho thuse letho hore molebeli oa motse oo a lule a phaphame. Liproverbia 16:3 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 3 Siea lintho tsohle tseo u li etsang matsohong a Jehova*+’Me merero ea hao e tla atleha. Esaia 26:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 Jehova, u tla re fa khotso+Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e entseng,Ke uena ea re thusitseng hore re e etse. 1 Bakorinthe 3:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 E leng hore ea lemang kapa ea nosetsang ha se eena oa bohlokoa empa Molimo ea holisang ke eena oa bohlokoa.+
127 Haeba Jehova a sa hahe ntlo,Leha batho ba e hahang ba ka sebetsa ka thata, ba tla be ba sebeletsa lefeela.+ Haeba Jehova a sa lebela motse,+Ha ho thuse letho hore molebeli oa motse oo a lule a phaphame.
12 Jehova, u tla re fa khotso+Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e entseng,Ke uena ea re thusitseng hore re e etse.
7 E leng hore ea lemang kapa ea nosetsang ha se eena oa bohlokoa empa Molimo ea holisang ke eena oa bohlokoa.+