Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 9:18-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Empa Baiseraele ha baa ka ba ba hlasela hobane likhosana tsa sechaba li ne li ikanne ka Jehova+ Molimo oa Iseraele. Kahoo, sechaba sohle sa qala ho korotlela likhosana. 19 Eaba likhosana tsohle li re ho sechaba: “Kaha re ile ra ikana ho bona ka Jehova Molimo oa Iseraele, ha rea lumelloa ho ba utloisa bohloko. 20 Joale re tla etsa tjena: Re tla ba tlohela hore ba phele e le hore Molimo a se ke a re halefela ka lebaka la kano eo re e entseng ho bona.”+

  • Baahloli 11:34, 35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Joale Jafeta a khutlela ha hae Mizpa+ ’me morali oa hae a tsoa ho ea mo khahlanyetsa, a letsa moropa o monyenyane a bile a tantša. E ne e le eena feela ngoana oa hae. Ntle ho eena o ne a se na mora kapa morali. 35 Eitse ha a mo bona, a tabola liaparo tsa hae ’me a re: “Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko* hobane ke tl’o fana ka uena. Ke entse kano ho Jehova ’me nke ke ka khona ho e fetohela.”+

  • Pesaleme 50:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lona ho Molimo,+

      Le phethe likano tsa lona tseo le li etselitseng Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+

  • Matheu 5:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Hape le utloile hore ho itsoe ho batho ba mehleng ea khale: ‘U se ke oa hlapanya ebe ha u phethe+ empa u phethe boitlamo boo u bo etselitseng Jehova.’*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela