-
Baheberu 3:7-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Ka lebaka lena, moea o halalelang o re:+ “Haeba le mamela lentsoe la ka kajeno, 8 le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona mohla ba neng ba nkhalefisa haholo le joaloka mohla ba neng ba nteka lefeelleng.+ 9 Baholo-holo ba lona ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ea ka ka lilemo tse 40.+ 10 Ka lebaka lena, ke ile ka nyonya moloko oo eaba ke re: ‘Sechaba sena se lula se ntlhanohela ka lipelong tsa sona. Ha se tsebe litsela tsa ka.’ 11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le ’na.’”+
-