Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 24:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Moshe le Arone, Nadabe le Abihu le baholo ba 70 ba Iseraele ba nyoloha 10 ’me ba bona Molimo oa Iseraele.+ Tlas’a maoto a hae ho ne ho e-na le ntho e bonahalang eka ke matlapa a safire ’me e ne e hloekile joaloka maholimo.+

  • Esaia 6:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Selemong seo Morena Uzia a shoeleng ka sona,+ ka bona Jehova a lutse teroneng e holimo, e phahameng.+ Seaparo sa hae se ne se le selelele se tletse ka tempeleng. 2 Lirafime li ne li eme ka holim’a hae. Serafime ka seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho, ka a mabeli se ikoahela maoto ’me ka a mabeli se fofa.

       3 Li ne li hoeletsana li re:

      “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.+

      Lefatše lohle le tletse khanya ea hae.”

  • Ezekiele 1:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ho tloha thekeng la hae ho ea holimo ke ile ka bona ntho e khanyang joaloka motsoako oa khauta le silevera,+ e kang mollo. Ho ea tlase ka bona ntho e kang mollo.+ Ho ne ho e-na le khanya e mo potolohileng 28 e joaloka mookoli+ o bang teng marung ha pula e na. Ena ke tsela eo khanya e neng e mo potolohile e neng e shebahala ka eona. E ne e shebahala joaloka khanya ea Jehova.+ Ha ke e bona ke ile ka khumama eaba ke utloa motho ea buang.

  • Tšenolo 4:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Hang-hang moea oa Molimo oa qala ho sebetsa ho ’na eaba ke bona terone leholimong ’me ho ne ho e-na le ea lutseng ho eona.+ 3 Ea neng a lutse teroneng o ne a phatsima joaloka lejoe la jaspere+ le la sardiase* ’me ho ne ho e-na le mookoli o pota-potileng terone o joaloka lejoe la emeralde.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela