8 “Lebohang Jehova,+ bitsang lebitso la hae,
Tsebisang lichaba liketso tsa hae.+
9 Mo bineleng, mo bineleng lithoriso,+
Le nahanisise ka liketso tsohle tsa hae tse hlollang.+
10 Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang.+
Lipelo tsa ba batlang Jehova li ke li thabe.+
11 Batlang Jehova,+ le mo kope hore a le fe matla a hae.
Le mo kope kamehla hore a le thuse.+
12 Hopolang lintho tse hlollang tseo a li entseng,+
Mehlolo ea hae le likahlolo tseo a faneng ka tsona,
13 Lona bana ba Iseraele mohlanka oa hae,+
Lona bara ba Jakobo bao a ba khethileng.+