Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Molimo a ileng a hlaha ho eena.

  • Genese 13:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka mor’a hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo u leng ho sona u shebe ka leboea, ka boroa, ka bochabela le ka bophirimela. 15 Naha eohle eo u e bonang ke tla e fa uena le bana* ba hao hore e be ea lona ka ho sa feleng.+

  • Genese 15:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Letsatsing leo, Jehova a etsa selekane le Abrame+ a re: “Ke tla fa bana* ba hao naha ena,+ ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo ea Eufrate.+

  • Genese 26:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Lula naheng ena u le molichaba,+ ke tla ba le uena ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla fa uena le bana* ba hao linaha tsena kaofela+ ’me ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate oa hao Abrahama+ ha ke ne ke re:

  • Genese 28:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova o ne a le holim’a tsona eaba o re:

      “Ke ’na Jehova Molimo oa ntate oa hao Abrahama le Molimo oa Isaka.+ Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e fa uena le bana* ba hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela