Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 17:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ke tla fa uena le bana* ba hao naha eo u neng u lula ho eona u le molichaba,+ e leng naha eohle ea Kanana. E tla ba ea lona ka ho sa feleng ’me ke tla ba Molimo oa bana* ba hao.”+

  • Genese 23:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 “Ke molichaba ’me ke lula le lona.+ Mpheng sebaka sa lepato libakeng tsa lona e le hore ke pate mofu oa ka.”

  • 1 Likronike 16:19-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Sena se etsahetse ha le ne le fokola ka palo,

      Le fokola haholo ka palo ’me le le balichaba naheng eo.+

      20 Ba ne ba tsamaea ba tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng,

      Ba tloha ’musong o mong ho ea ho batho ba bang.+

      21 Ha aa ka a lumella motho leha e le ofe ho ba hatella+

      Empa o ile a khalemela marena ka lebaka la bona,+

      22 A re, ‘Le se ke la thetsa batlotsuoa ba ka,

      Le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.’+

  • Liketso 7:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 A tloha naheng ea Bakalde a ea lula Harane. Ka mor’a hore ntate oa hae a shoe,+ Molimo a re a fallele naheng ena eo le lulang ho eona hona joale.+ 5 Ha a le moo, Molimo ha aa ka a mo fa lefa ho hang, leha e se e le sebakanyana sa hore a behe leoto. Empa a tšepisa ho fana ka naha eo e le lefa ho bana* ba hae+ le hoja a ne a e-s’o be le bana ka nako eo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela