-
Exoda 16:12-15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 “Ke utloile ha Baiseraele ba korotla.+ Bua le bona u re, ‘Ha letsatsi le likela le tla ja nama, hoseng le je bohobe ho fihlela le khotše+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”+
13 Mantsiboeeng ao, likoekoe* tsa tla tsa koahela liahelo.+ Hoseng phoka e ne e letse ho potoloha liahelo. 14 Ha phoka e ntse e nyamela, ha e-ba le ntho e tšesaane e foforehang holim’a lefeella,+ e le tšesaane joaloka lehloa holim’a lefatše. 15 Ha Baiseraele ba e bona, ba botsana ba re, “Ntho ee ke’ng?” kaha ba ne ba sa tsebe hore na ke’ng. Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.+
-