-
Liketso 1:16-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+ 17 E ne e le e mong oa rona ebile a khethiloe+ hore a etse mosebetsi ona. 18 (Monna enoa o ile a reka tšimo ka moputso oa bokhopo.+ O ile a tabana fatše ka hlooho, mpa ea hae ea phatloha eaba mala a hae kaofela aa qhalana.+ 19 Baahi bohle ba Jerusalema ba ile ba tseba taba ena. Ka puo ea bona, tšimo eo e ile ea bitsoa Akeldama, e bolelang, “Tšimo ea Mali.”) 20 Buka ea Lipesaleme e re, ‘Sebaka seo a lulang ho sona se ke se hloke baahi, ho se ke ha e-ba le motho ea lulang teng.’+ Hape e re, ‘Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong.’+
-