Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 22:43, 44
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 A re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa susumelletsa Davida+ hore a mo bitse Morena, a re: 44 ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”’?+

  • Mareka 12:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Moea o halalelang+ o ile oa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+

  • Luka 20:42, 43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 Bukeng ea Lipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+

  • Liketso 2:34, 35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Davida ha aa ka a nyolohela leholimong empa o itse, ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 35 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+

  • 1 Bakorinthe 15:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 O tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a taolo ea hae.*+

  • Baheberu 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 O bonahatsa khanya ea Molimo+ ebile o tšoana le eena hantle.+ O etsa hore lintho tsohle li lule li le teng ka matla a lentsoe la hae. Ka mor’a hore a re hloekise libe,+ o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo e Moholo ea holimo-limo.+

  • Baheberu 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ke lengeloi lefe leo Molimo a kileng a re ka lona: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”?+

  • Baheberu 10:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa Kreste eena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo.+ 13 Ho tloha ka nako eo, o ne a se a emetse hore lira tsa hae li behoe tlas’a maoto a hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela