Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 14:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Melkizedeke+ morena oa Saleme+ a tlisa bohobe le veine. E ne e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+

  • Baheberu 5:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ka tsela e tšoanang, Kreste ha aa ka a inkela tlotla+ ea ho ba moprista ea phahameng empa o ile a tlotlisoa ke Molimo ea ileng a re ho eena: “U mora oa ka, ho tloha kajeno ke ntate oa hao.”+ 6 Lengolong le leng o boetse o re: “U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.”+

  • Baheberu 6:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Feela joalokaha ankora e etsa hore sekepe se tsitse, tšepo ena+ e re thusa hore re eme re tiile, re sa belaele. Tšepo ena e re isa ka nģ’ane ho kharetene.+ 20 Jesu o kene moo pele ho rona, a re bulela tsela le ho re lokisetsa eona.+ Ke moprista ea phahameng joaloka Melkizedeke ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 7:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha ho tsejoe hore na ntate oa hae le ’mè oa hae ke bo-mang. Ha ho na tlaleho ea leloko labo. Ha ho tsejoe hore na o hlahile neng le hore na o shoele neng. Ka mabaka ana, o tšoana le Mora oa Molimo ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 7:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Boprista ba leloko la Levi e ne e le karolo ea Molao oa Moshe o neng o fuoe Baiseraele. Haeba baprista ba leloko la Levi ba ne ba ka khona ho etsa hore batho ba phethahale,+ na re ne re hloka moprista ea tšoanang le Melkizedeke?+ Na ho ne ho sa lekana ho ba le baprista ba tšoanang le Arone?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela