Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 15:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Haeba e mong oa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong oa metse ea lona naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona kapa la tima ngoan’abo lona oa mofutsana.+ 8 Le fane+ ’me le mo alime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang eona.

  • Pesaleme 41:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea boemong bo tlase.+

      Jehova o tla mo pholosa nakong ea mahlomola.

  • Liproverbia 19:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ea hauhelang mofutsana o alima Jehova+

      ’Me O tla mo putsa* ka lebaka la seo a se entseng.+

  • Luka 6:34, 35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Hape ho na le thuso efe haeba le alima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsalibe ba alima baetsalibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35 Empa lona le ’ne le rate lira tsa lona, le etse lintho tse lokileng le be le alime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso oa lona o tla ba moholo ’me le tla ba bara ba Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+

  • Liketso 20:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ke le bontšitse ka liketso tsa ka nthong e ’ngoe le e ’ngoe hore na le lokela ho etsa’ng+ e le hore le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantsoe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo+ ho feta ho fuoa.’”

  • Baheberu 13:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona+ hobane Molimo o thabisoa ke mahlabelo a joalo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela