Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 22:8-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Lefatše la sisinyeha la ea koana le koana.+

      Metheo ea leholimo ea thothomela,+

      Ea ea koana le koana hobane o ne a halefisitsoe.+

       9 Mosi oa tsoa linkong tsa hae

      Le mollo o chesang oa tsoa molomong oa hae.+

      Ho ne ho tsoa mashala a hlenneng ho eena.

      10 A koba maholimo ha a theoha,+

      Lefifi le letšo-letšo le ne le le tlas’a maoto a hae.+

      11 A tla a palame kerubime,+ a tla a fofa.

      O ne a bonahala holim’a mapheo a lengeloi.*+

      12 Ka mor’a moo, a ikoahela ka lefifi e leng ka metsi a matšo le maru a matšo.+

      A ne a mo pota-potile ka hohle joaloka tente.

      13 Khanya e neng e tsoa ho eena e ile ea etsa hore mollo o tuke mashaleng a hlenneng.

      14 Jehova a etsa hore ho be le sealuma leholimong.+

      Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentsoe la hae le utloahale.+

      15 A betsa metsu+ ea hae eaba oa ba hasanya,

      A lahlela lehalima ’me a ba ferekanya.+

      16 Likarolo tse tlase-tlase tsa leoatle tsa bonahala.+

      Ha Jehova a khalemela, metheo ea lefatše ea senoleha.

      E senoloa ke moea o matla o tsoang linkong tsa hae.+

  • Pesaleme 77:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Molumo oa sealuma+ sa hao o ne o le joaloka mabili a koloi ea ntoa.

      Ho benya ha lehalima ho ile ha khantša lefatše.+

      Lefatše le ile la tsukutleha le ho reketla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela