Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 32:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 U se ke oa lumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a e-na le morero o mobe ha a ntša Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela lithabeng le ho ba felisa lefatšeng.’+ Kokobetsa khalefo ea hao ’me u fetole* qeto ea hao ea ho tlisetsa sechaba sa hao tlokotsi.

  • Numere 14:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Haeba u ka bolaea sechaba sena kaofela ka nako e le ’ngoe,* lichaba tse utloileng ka botumo ba hao li tla re: 16 ‘Jehova o ne a sa khone ho kenya sechaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa eona. Kahoo, o se bolaetse lefeelleng.’+

  • Deuteronoma 32:26, 27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Nka be ke itse: “Ke tla ba hasanya,

      Ke tla etsa hore batho ba ba lebale,”

      27 Hoja ebe ke ne ke sa tšabe hore na sera sa ka se tla re’ng+

      Hobane bahanyetsi ba ka utloisisa sena ka tsela e fosahetseng.+

      Ba ka ’na ba re: “Re hlotse ka matla a rona,+

      Ha se Jehova ea entseng sena sohle.”

  • Pesaleme 79:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re: “O hokae Molimo oa bona?”+

      E se eka re ka bona ha u tsebisa lichaba

      Hore u iphetelitse ho ba bolaileng bahlanka ba hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela