Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 28:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ka hona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

      “Ke beha lejoe e le motheo Sione, lejoe le lekiloeng,+

      Lejoe la sekhutlo la bohlokoa+ le behiloeng e le motheo o tiileng.+

      Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a tšoha.+

  • Luka 20:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Empa a ba sheba a re: “Lengolo lee le bolela’ng: ‘Lejoe leo lihahi li le lahlileng le fetohile lejoe la sekhutlo* la sehlooho’?*+

  • Liketso 4:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jesu ke ‘lejoe leo lona lihahi le ileng la nka le se bohlokoa empa lejoe leo le se le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.’*+

  • 1 Bakorinthe 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha ho na motho ea ka ralang motheo o mong ntle le o seng o ntse o raliloe e leng Jesu Kreste.+

  • Baefese 2:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ka hona, ha le sa le balichaba+ empa le se le lula le batho ba Molimo*+ ’me le litho tsa lelapa la Molimo.+ 20 Le hahiloe holim’a motheo oa baapostola le baprofeta,+ ha Jesu Kreste eena e le lejoe la sekhutlo la motheo.+

  • 1 Petrose 2:4-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Tloong ho eo e leng lejoe le phelang. Le hoja le ile la lahloa ke batho,+ Molimo o ile a le khetha a ba a le nka e le la bohlokoa.+ 5 Le lona le majoe a phelang a ntlo e ntseng e hahoa ka moea o halalelang oa Molimo+ hore le be baprista ba halalelang, e le hore le etse mahlabelo+ a lumellanang le moea oa Molimo le ao Molimo a a amohelang ka Jesu Kreste.+ 6 Lengolo le re: “Ke beha lejoe la sekhutlo la bohlokoa e le motheo Sione. Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a phoqeha.”+

      7 Lejoe leo ke la bohlokoa ho lona hobane le lumela ho lona. Ho ba sa lumeleng ho lona ha le bohlokoa hobane Mangolo a re: “Lejoe leo lihahi li le lahlileng+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela