Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 21:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ba tlisa tonki le petsana ea eona, ba beha liaparo tsa bona holim’a tsona eaba o palama petsana.+ 8 Boholo ba batho ba ala liaparo tsa bona ka tseleng,+ ba bang bona ba poma makala lifateng ba a ala ka tseleng. 9 Hape batho ba mo eteletseng pele le ba mo setseng morao ba ’na ba hoeletsa ba re: “Re rapella hore u pholose Mora oa Davida!+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!”+

  • Matheu 23:39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Kea le bolella hore ho tloha joale le ke ke la hlola le mpona ho fihlela le re: ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.’”*+

  • Mareka 11:7-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba oa e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala liaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong eaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamaeang ka pele le ba tlang ka morao ba ’na ba hoeletsa: “Re rapella hore u mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse ’Muso o tlang oa ntate oa rona Davida!+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!”

  • Luka 19:37, 38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Hang ha a atamela khoro ea Thaba ea Mehloaare, barutuoa kaofela ba qala ho thaba, ba hoeletsa ba rorisa Molimo ka lebaka la mehlolo eohle eo ba e boneng ba re: 38 “Ho hlohonolofetse ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le khotso leholimong ’me re rorise Molimo ea holimo-limo!”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela