-
Jakobo 1:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Motho ea utloang lentsoe empa a sa etse lintho tseo le li buang,+ o tšoana le motho ea shebang sefahleho sa hae ka seiponeng. 24 Ka mor’a hore a ichebe, oa tloha ebe hang-hang oa lebala hore na o joang. 25 Empa motho ea hlahlobisisang molao o phethahetseng+ le o fanang ka tokoloho ’me a lula a o mamela, ha se motho ea lebalang empa o etsa lintho tseo lentsoe le li buang. O tla thaba hobane a etsa joalo.+
-