-
Baheberu 12:9-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ho feta moo, bo-ntate ba rona ba ne ba re khalemela ’me re ne re ba hlompha. Na joale ha rea lokela ho ikokobeletsa Ntate oa rona le ho feta kaha ke eena ea tataisang bophelo ba rona ka matla a hae e le hore re phele?+ 10 Bo-ntate ba rona ba re khalemetse ka nakoana ho ea ka seo ba neng ba bona se lokile empa khalemelo e tsoang ho Molimo eona e re tsoela molemo e le hore re ka halalela joaloka eena.+ 11 Ke ’nete hore khalemelo ha e monate, e bohloko. Leha ho le joalo, haeba re e amohela, re tla phela ka tsela e lokileng ’me re be le khotso.
-