-
1 Samuele 23:26-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
26 Ha Saule a tla ka lehlakoreng le leng la thaba, Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng le leng la thaba. Davida o ne a potlaka hore a balehe+ Saule empa Saule le banna ba hae ba ne ba ntse ba atamela Davida le banna ba hae hore ba ba tšoare.+ 27 Empa moromuoa a tla ho Saule a re: “Tloo kapele hobane Bafilista ba hlasetse naha!” 28 Eaba Saule o tlohela ho lelekisa Davida,+ a tloha a e’o loantša Bafilista. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitsoa Lefika la Likarohano.
-
-
2 Samuele 17:21, 22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ka mor’a hore banna bao ba tsamaee, Akimaze le Jonathane ba tsoa ka selibeng eaba ba e’o bolella Morena Davida. Ba re ho eena: “Ema ’me u tšele noka kapele.” Eaba ba mo bolella leano la Akitofele.+ 22 Hang-hang Davida le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba tšela Jordane. Ha letsatsi le chaba, batho bohle ba ne ba se ba tšetse Jordane.
-