Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba sehlopha se seng se qala ho bina,+ se seng sa arabela pina. Sa rorisa le ho leboha Jehova sa re: “O molemo, lerato* la hae ho Iseraele ha le fele le ka mohla.”+ Eaba batho bohle ba rorisa Jehova ka mantsoe a phahameng hobane motheo oa ntlo ea Jehova o ne o entsoe.

  • Pesaleme 106:47
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Re pholose, Jehova Molimo oa rona.+

      U re phuthe lichabeng+

      E le hore re ka rorisa lebitso la hao le halalelang

      Re be re u rorise re thabile.+

  • Esaia 49:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Hoeletsang le thabile, lona maholimo ’me u thabe, uena lefatše.+

      Lithaba li ke li nyakalle, li hoeletse li thabile.+

      Jehova o tšelisitse batho ba hae,+

      O hauhela batho ba hae ba mahlomoleng.+

  • Jeremia 31:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ba* tla tla, ba hoeletse ka thabo holim’a thaba ea Sione,+

      Ba tlale thabo ka lebaka la melemo e tsoang ho Jehova,

      Ka lebaka la lijo,* veine e ncha,+ oli,

      Likonyana, lipotsanyane le manamane.+

      Ba tla ba joaloka serapa se nosetsoang hantle,+

      Ha ba sa tla hlola ba omella hape.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela