Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 14:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Moshe a otlollela letsoho holim’a leoatle.+ Jehova a chechisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle, ho etsa hore boliba ba leoatle e be mobu o ommeng+ ’me metsi a arohana.+

  • Numere 11:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Moea o tsoang ho Jehova oa foka ka matla ’me oa khanna likoekoe* ho tloha leoatleng, oa li lihela hohle ho potoloha liahelo.+ Boholo ba sebaka seo li neng li se koahetse ka mahlakoreng ’ohle a liahelo e ne e ka ba leeto la letsatsi ’me li ne li tletse hoo li neng li ka etsa mithara* ho tloha fatše.

  • Jeremia 10:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Lentsoe la hae le etsa hore

      Metsi a maholimong a loebehlane,+

      O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.+

      O etsa lehalima* bakeng sa pula

      ’Me o bulela moea moo a o koaletseng teng.*+

  • Jeremia 51:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Lentsoe la hae le etsa hore

      Metsi a maholimong a loebehlane,

      O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.

      O etsa lehalima* bakeng sa pula

      ’Me o bulela moea moo a o koaletseng teng.*+

  • Jonase 1:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Eaba Jehova o etsa hore ho be le moea o matla leoatleng ’me ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se le haufi le ho soahlamana.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela