Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa feela joalokaha Jehova a laetse. Arone a phahamisa molamu ’me a otla metsi a Noka ea Nile ka pel’a Faro le bahlanka ba hae eaba metsi ’ohle a noka a fetoha mali.+

  • Exoda 8:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Arone a otlollela letsoho holim’a metsi a Egepeta ’me linqanqane tsa nyoloha le ho koahela naha ea Egepeta.

  • Exoda 8:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ba etsa joalo. Arone a otlolla letsoho leo a tšoereng molamu oa hae ka lona eaba o otla lerole la lefatše ’me menoang ea hlasela batho le liphoofolo. Lerole lohle la lefatše la fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.+

  • Exoda 9:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Letsatsing le latelang Jehova a etsa sena ’me liphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa shoa+ empa ha hoa ka ha shoa leha e le phoofolo e le ’ngoe ea Baiseraele.

  • Exoda 9:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ba nka molora ka seboping ’me ba ema ka pel’a Faro. Moshe a o hasanya moeeng ’me oa fetoha mathopa a tsoang bolalu holim’a batho le liphoofolo.

  • Exoda 9:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Moshe a phahamisetsa molamu oa hae maholimong ’me Jehova a tlisa lialuma le sefako eaba mollo* o theohela lefatšeng. Jehova a ’na a nesa sefako naheng ea Egepeta.

  • Exoda 10:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao holim’a naha ea Egepeta e le hore litsie li ka nyolohela ho eona ’me li je limela tsohle tsa naha, li je lintho tsohle tse siiloeng ke sefako.”

  • Exoda 10:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao maholimong e le hore ho ka ba le lefifi naheng ea Egepeta, lefifi le letšo-letšo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela