Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 115:4-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Litšoantšo tsa bona tseo ba li rapelang li entsoe ka silevera le khauta,

      Li entsoe ke batho.+

       5 Li na le melomo empa ha li bue.+

      Li na le mahlo empa ha li bone.

       6 Li na le litsebe empa ha li utloe.

      Li na le linko empa ha li fofonele.

       7 Li na le matsoho empa ha li tšoare.

      Li na le maoto empa ha li tsamaee.+

      Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+

       8 Batho ba li etsang ba tla tšoana le tsona+

      Le bohle ba li tšepang ba tla tšoana le tsona.+

  • Esaia 46:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ho na le batho ba ntšang khauta e ngata lipacheng tsa bona.

      Ba bekha silevera sekaleng.

      Ba hira motho ea sebetsang ka tšepe ebe o etsa molimo ka silevera eo.+

      Ba itihela fatše ka lifahleho, baa o rapela.*+

  • Liketso 17:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Molimo o tšoana le setšoantšo sa khauta, silevera kapa lejoe. Ha a tšoane le lintho tseo batho ba iqapetseng tsona eaba ba li etsa ka matsoho a bona.+

  • 1 Bakorinthe 10:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Na ke re ntho e hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang e bohlokoa kapa sona setšoantšo se bohlokoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela