Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 16:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Eitse ha ba kena ’me a bona Eliabe+ a re: “E tlameha ebe enoa ke motlotsuoa oa Jehova.” 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke oa sheba tsela eo a shebahalang ka eona le kamoo a leng molelele kateng+ kaha ha kea khetha eena. Molimo ha a shebe lintho ka tsela eo motho a li shebang ka eona. Motho o bona se bonoang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.”+

  • 1 Likronike 28:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Solomone mora oa ka, tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle*+ u thabile* hobane Jehova o hlahloba lipelo tsohle+ ’me o khona ho bona lintho tsohle tseo motho a li nahanang.+ Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane+ empa haeba u mo tlohela, o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 17:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 U hlahlobile pelo ea ka, oa ntlhahloba le bosiu.+

      U ntlhoekisitse.+

      U tla fumana hore ha kea rera letho le lebe

      Le hore molomo oa ka ha oa bua letho le phoso.

  • Pesaleme 139:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ntlhahlobe Molimo ’me u bone se ka pelong ea ka.+

      Ntlhahlobe ’me u tsebe lintho tse ntšoenyang* tseo ke li nahanang.+

  • Jeremia 20:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng.

      U bona menahano e tebileng* le pelo.+

      E-re ke bone ha u iphetetsa ho bona+

      Kaha ke siile nyeoe ea ka matsohong a hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela