Pesaleme 33:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova,+Batho bao a ba khethileng hore e be ba hae.+ Pesaleme 37:9 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 9 Ba etsang lintho tse mpe ba tla felisoa+Empa ba tšepileng Jehova, lefatše e tla ba lefa la bona.+ Pesaleme 37:37 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 37 Ela hloko motho ea se nang molato,*U lule u shebile ea lokileng+Hobane motho eo o tla phela ka khotso nakong e tlang.+ Pesaleme 146:5 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 5 Ho thaba motho ea thusoang ke Molimo oa Jakobo,+Ea tšepileng Jehova Molimo oa hae,+
37 Ela hloko motho ea se nang molato,*U lule u shebile ea lokileng+Hobane motho eo o tla phela ka khotso nakong e tlang.+