-
Genese 20:6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Molimo oa ’nete a re ho eena torong: “Ke bone hore u ne u sa tsebe hore u etsa phoso eaba kea u thiba hore u se ke oa etsa sebe. Ke kahoo ke sa u lumellang hore u mo thetse.
-
-
2 Likronike 26:16-18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha a se a le matla, a ikhohomosa ’me sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha aa ka a tšepahalla Jehova Molimo oa hae eaba o kena ka tempeleng ea Jehova ho ea chesa libano aletareng.+ 17 Hang-hang moprista Azaria le baprista ba bang ba Jehova ba sebete ba 80 ba mo sala morao. 18 Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha oa lokela ho chesetsa Jehova libano.+ Ke baprista feela ba khethetsoeng ho li chesa hobane ke litloholo tsa Arone.+ Tsoa ka mona ka sehalalelong hobane ha oa tšepahalla Jehova Molimo ebile a ke ke a u tlotlisa.”
-