-
Deuteronoma 6:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Joale tsena ke litaelo le melao eo Jehova Molimo oa lona a faneng ka eona ho le ruta e le hore le tle le e phethe ha le tšelela naheng eo le tla e nka hore e be ea lona. 2 Le tšabe Jehova Molimo oa lona ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lona ’me le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le bolellang tsona, lona le bara ba lona le litloholo tsa lona+ e le hore le ka phela nako e telele.+
-
-
Deuteronoma 30:19, 20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki tsa lona hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lona, tlhohonolofatso le bomalimabe,+ le khethe bophelo e le hore lona le bana ba lona+ le phele+ 20 ka hore le rate Jehova Molimo oa lona,+ le mamele lentsoe la hae, le mo khomarele+ hobane ke eena ea le fang bophelo ’me ka eena, le tla phela nako e telele naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla ba fa eona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+
-
-
1 Petrose 3:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Mangolo a re: “Mang kapa mang ea ratang bophelo le ea batlang ho phela nako e telele a thabile, a thibe leleme la hae hore le se ke la bua se sebe+ le molomo oa hae hore o se ke oa bua leshano. 11 A tlohele ho etsa lintho tse mpe+ empa a etse tse ntle.+ A batle khotso a be a loanele hore e lule e le teng.+ 12 Mahlo a Jehova* a shebile batho ba lokileng, litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso+ empa Jehova* o hloile ba etsang lintho tse mpe.”+
-