-
Liketso 4:25-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ke uena ea ileng a susumetsa moholo-holo oa rona Davida+ mohlanka oa hao ka moea o halalelang hore a re: ‘Ke hobane’ng ha lichaba li ne li le morusu ’me batho ba thuisa ka lintho tse se nang thuso? 26 Marena a lefatše a ile a itokisetsa ho loana ’me babusi ba ikopanya hore ba hlasele Jehova* le motlotsuoa oa hae.’*+ 27 Heroda, Ponse Pilato,+ batho ba lichaba le Baiseraele ba ne ba ikopantse motseng ona ho hlasela mohlanka oa hao ea halalelang Jesu, eo u mo khethileng+ 28 e le hore ba etse lintho tseo u neng u rerile esale pele hore li etsahale ka matla le thato ea hao.+
-