-
Matheu 6:30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Joale haeba ena ke tsela eo Molimo a apesang limela tsa naha ka eona, tse leng teng kajeno ’me hosane li lahleloa ka ontong, na lona a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane?
-
-
Baheberu 2:6-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Paki e ’ngoe e ile ea ngola ea re: “Motho ke’ng hore u ’ne u mo hopole le mora oa motho ke’ng hore u mo hlokomele?+ 7 U mo entse ea tlasana ho mangeloi, oa mo fa khanya le ho hlompheha eaba u mo fa matla a ho laola lintho tseo u li bopileng. 8 U behile lintho tsohle tlas’a taolo ea hae.”*+ Ha Molimo a mo fa matla a ho laola lintho tsohle,+ ha aa ka a etsa hore ho be le ntho leha e le ’ngoe eo a sa e laoleng.+ Hona joale ha re e-s’o bone lintho tsohle tseo a li laolang.+
-