Pesaleme 141:5 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 5 Haeba ea lokileng a ka nkotla, seo se ne se tla bontša hore oa nthata.*+ Haeba a ne a ka nkhalemela, e ne e tla ba joalokaha eka o ntšela ka oli hloohong,+Ke ne nke ke ka hana.+ Ha a le mathateng, ke ne ke tla ’ne ke mo rapelle. Liproverbia 27:6 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 6 Motsoalle ea tšepahalang o fana ka keletso leha e se monate+Empa mosa oa sera* o mongata.* Liproverbia 28:23 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 23 Mang kapa mang ea khalemelang motho+ o tla ratoa+Ho feta ea fanang ka thoriso ea boikaketsi.
5 Haeba ea lokileng a ka nkotla, seo se ne se tla bontša hore oa nthata.*+ Haeba a ne a ka nkhalemela, e ne e tla ba joalokaha eka o ntšela ka oli hloohong,+Ke ne nke ke ka hana.+ Ha a le mathateng, ke ne ke tla ’ne ke mo rapelle.