-
1 Samuele 25:39Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
39 Ha Davida a utloa hore Nabale o shoele a re: “Ho rorisoe Jehova ea ileng a ahlola nyeoe ea ka+ ha Nabale a ne a ’nyatsa+ le ea ileng a thiba mohlanka oa hae hore a se ke a etsa letho le lebe.+ Jehova o file Nabale kotlo ka lebaka la liketso tsa hae tse mpe.” Ka mor’a moo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ea kopa Abigaile hore e be mosali oa hae.
-
-
1 Petrose 3:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Botle ba lona e se ke ea e-ba ba lintho tseo batho ba li bonang tse kang ho loha moriri, mekhabiso ea khauta+ le liaparo tse turang. 4 Empa le bontše botle ba lona ka seo le leng sona pelong. Le ikhabise ka hore le be bonolo le ka hore le be mosa+ hobane ke tsona lintho tseo Molimo a li nkang li le bohlokoa ’me ke mokhabiso o ke keng oa senyeha le ka mohla.
-