Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 3:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Baiseraele bohle ba utloa ka kahlolo eo morena a neng a fane ka eona. Ba ile ba mo hlompha*+ hobane ba ne ba bona hore Molimo o mo file bohlale ba ho ahlola ka toka.+

  • 1 Marena 4:29-31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Molimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutloisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la leoatle.+ 30 Solomone o ne a le bohlale ho feta batho bohle ba Bochabela le batho bohle ba Egepeta.+ 31 O ne a le bohlale ho feta motho leha e le ofe, a le bohlale le ho feta Ethane+ oa Moezra, Hemane,+ bara ba Mahole e leng Kalkole+ le Darda. O ile a tuma lichabeng tsohle tse haufi.+

  • 2 Likronike 1:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella sechaba sena pele kaha ha ho motho ea ka khonang ho ahlola sechaba sena sa hao se seholo.”+

      11 Molimo a re ho Solomone: “Kaha sena ke seo u se batlang ’me ha oa kopa maruo, ho hlomphuoa kapa hore ba u hloileng ba shoe ebile ha oa kopa hore u phele nako e telele empa u kopile bohlale le tsebo e le hore u ahlole sechaba sa ka seo ke u entseng morena oa sona,+ 12 ke tla u fa bohlale le tsebo, ke u fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ea kileng a ba le tsona pele ho uena le tseo ho se nang morena ea tla ba le tsona ka mor’a hao.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela