-
1 Samuele 26:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Abishai a re ho Davida: “Kajeno Molimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao.+ Ke kopa u ntumelle hore ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela. Ho ke ke ha hlokahala hore ke mo phete.” 9 Leha ho le joalo, Davida a re ho Abishai: “U se ke oa mo lematsa kaha ha ho na motho ea ka lematsang motlotsuoa oa Jehova+ ebe o lula a se na molato.”+ 10 Davida a tsoela pele ho re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore Jehova ka boeena o tla mo bolaea+ kapa hore ka le leng+ o tla shoa joaloka batho ba bang bohle kapa o tla ea ntoeng ’me a bolaoe.+
-
-
Pesaleme 37:7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
U se ke oa halefisoa ke motho
Ea atlehang ka maqheka a hae.+
-