14 Etsoe Molimo oa ’nete o tla ahlola batho ka liketso tsohle tsa bona esita le lintho tsohle tse patiloeng ’me a etse qeto ea hore na li ntle kapa li mpe.+
31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
5 Empa kaha u manganga ebile ha u batle ho baka, Molimo o tla u halefela. O tla u fa kotlo letsatsing leo ka lona a ahlolang batho ’me o tla ahlola ka toka.+6 O tla ahlola e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+