-
1 Marena 22:8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang lintho tse ntle ka ’na, o lula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora oa Imla.” Josafate a re: “Morena ha aa lokela ho bua ka tsela ena.”
-
-
2 Likronike 25:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova a halefela Amazia ’me a romela moprofeta hore a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u rapela melimo e hlolehileng ho loanela batho ba eona?”+ 16 Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng u le moeletsi oa ka?+ Thola!+ Ho seng joalo ke tla u bolaea.” Moprofeta a thola empa a re: “Kea tseba hore Molimo o tl’o u bolaea hobane u entse ketso ena, ha oa mamela keletso ea ka.”+
-