Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 115:4-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Litšoantšo tsa bona tseo ba li rapelang li entsoe ka silevera le khauta,

      Li entsoe ke batho.+

       5 Li na le melomo empa ha li bue.+

      Li na le mahlo empa ha li bone.

       6 Li na le litsebe empa ha li utloe.

      Li na le linko empa ha li fofonele.

       7 Li na le matsoho empa ha li tšoare.

      Li na le maoto empa ha li tsamaee.+

      Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+

       8 Batho ba li etsang ba tla tšoana le tsona+

      Le bohle ba li tšepang ba tla tšoana le tsona.+

  • Esaia 44:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Bohle ba etsang litšoantšo tse betliloeng ha ba na thuso,

      Litšoantšo tsa bona tseo ba li ratang li ke ke tsa ba thusa ka letho.+

      Le hoja litšoantšo tsena e le lipaki tsa bona, ha li bone letho ebile ha li tsebe letho.+

      Kahoo, ba li entseng ba tla soaba.+

  • 1 Bakorinthe 8:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 A re bueng ka taba ea hore na re ka ja lijo tse etsetsoang litšoantšo tse rapeloang. Rea tseba hore setšoantšo se rapeloang ha se Molimo+ le hore Molimo o mong feela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela