-
Exoda 20:4, 5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 U se ke oa iketsetsa setšoantšo kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+ 5 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa*+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntate ba bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng.
-
-
Habakuke 2:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Seemahale se entsoeng ke motho se na le molemo ofe?
Motho oa se tšepa le hoja a iketselitse sona.
Ea se rapelang o lahlehile hobane o nahana hore se tla mo tataisa.
Empa ha se na thuso ho hang,
Ha se bue le ho bua.+
19 Ho malimabe ea reng ho patsi: “Tsoha!”
Kapa ea reng ho lejoe: “Phahama u re rupele!”
-